Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mme ha Kreste a le ka ho lona, mmele o shwele ka baka la sebe; empa Moya ke bophelo ka baka la ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa Kreste ha a le ka ho lona, mmele wona o shwele ka baka la sebe, empa moya wona o a phela ka baka la ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Empa haeba Kreste a phela ka ho lona, mmele o tla shwa ka baka la sebe, athe Moya o Halalelang o tla le phedisa ka baka la ho lokafatswa ha lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Mme ha Kreste a le ka ho lona, mmele o shwele ka baka la sebe; empa Moya ke bophelo ka baka la ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:10
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata;


Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.


Nna ke le ho bona, wena o ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng; mme lefatshe le tle le tsebe hobane o nthomile, mme o ba ratile, jwalokaha o nthatile.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.


Yo o jang nama ya me, a ba a nwa madi a me, o nna mo go nna, le nna mo go ene.


Ke gone, jaaka boleo bo tsenye mo lefatsheng ka motho a le mongwe fela, le loso ka boleo; mme jalo loso lo ne lwa fetela mo bathong botlhe ka botlhe ba leofile.


Hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.


Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang?


Hobane rona ba phelang, kamehla re nehelanwa ka lefu ka baka la Jesu, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe nameng ya rona e shwang.


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Mme jwalokaha ho laetswe hore batho ba shwe hang, mme kamora moo e be kahlolo;


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale mme mesebetsi ya bona e a ba latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ