Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:1
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi leo le tla tseba hobane ke ho Ntate, le lona le ka ho nna, le nna ka ho lona.


Dulang ho nna, le nna ho lona. Joalo ka ha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona, ha le sa lule sefateng sa morara; ha le ka ke la hlola le kgona, ha le sa dule ho nna.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Ntumelisetseng Prisilla le Akuila, basebeletsi ba ka ho Kreste Jesu.


Ntumedisetseng Andronika le Junia, banabeso, le batshwaruwa mmoho le nna, ba tsebahalang hara baapostola, ba bileng ho Kreste pele ho nna.


Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;


Mme neo ya mohau ha e jwaloka ya entseng sebe ka a le mong;


Jwale, ha e sa le nna ya se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.


Ekare ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.


Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.


Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


E le hore ho loka ha Molao ho tle ho phethahale ho rona, ba sa tsamayeng ka nama, empa ka Moya.


Empa lona ha le phele nameng, le laolwa ke Moya, ha Moya wa Modimo o ahile ka ho lona. Jwale, ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle ba tla phediswa ka Kreste jwalo.


Ke tsebile motho e mong ya leng ho Kreste, e se e le dilemo tse leshome le metso e mene, (hore na o ne a le ka mmeleng, ha ke tsebe, kapa ka ntle ho mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo), motho ya jwalo a nketswe lehodimong la boraro.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Hobane bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Jwale ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la phethahatsa ditakatso tsa nama.


Haeba re phela ka Moya, le rona a re tsamayeng ka Moya.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, ba dumelang ho Jesu Kreste:


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ