Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Empa jwale, kaha re shwele ka nqeng ya se neng se re tshwere, re lokolotswe Molaong, hore re sebeletse Modimo ka moya o motjha, e seng ka Molao wa kgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Modimo oo ke o sebeletsang ka moya wa ka ka Evangeli ya Mora wa wona, ke paki ya ka ya hore ha ke phetse ho le hopola merapelong ya ka;


Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.


Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba nama ya lona: hobane jwalokaha le ne le neetse ditho tsa lona hore e be bahlanka ba ditshila le tsa bokgopo ho isa bokgopong; le hona jwale le nee ditho tsa lona, e be bahlanka ba ho loka, e isang kgalalelong.


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.


Bana beso, na ha le tsebe (hobane ke bua le ba tsebang molao) hoba molao o busa motho ha a sa phela?


Gobane mosadi yo a nyetšwego o golegilwe ka molao go monna wa gagwe ge a sa phela; empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna wa hae.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.


mme le apare motho e motjha, ya bopilweng ka mokgwa wa Modimo ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ