Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:11
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)


Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;


Hobane ho shweng ha hae, o shwele hang ka nqeng ya sebe;


Le se ke la nehelana ka ditho tsa lona sebeng, hore e be disebediswa tsa bokgopo;


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ