Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, hore motho a tele bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Empa haeba ho se loke ha rona ho bolela ho loka ha Modimo, re tla reng? A Modimo ha o a loka, o iphetetsang? (Ke bua joalo ka monna.)


Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.


Ho feta moo, molao o ile oa kena, hore tlōlo ea molao e ate. Empa moo sebe se ileng sa ata, mohau o ata haholo.


Hobane ha re ne re se na matla, Kreste ka nako e loketseng a shwela ba kgopo.


Hobane ke ka thata e mong a ka shwelang ya lokileng;


Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Leha ho le jwalo, ke ile ka fumana mohau ka baka la sena, hore Jesu Kreste a tle a bonahatse ho nna, ke le wa pele, mamello yohle, hore e be mohlala ho ba tlang ho dumela ho yena, ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.


Hobane moprista e moholo e mong le e mong o beelwa ho nyehela dinyehelo le mahlabelo;


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ