Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:2
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ke nna monyako wa dinku.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Joale; ka baka la ho se dumele ba kgaolwa, mme wena o eme ka tumelo. O se ke wa ikgohomosa, o mpe o tshabe;


Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Wena o mang, o ahlolang mohlanka wa e mong? o ema ho monga hae, leha e le ho wa. E, o tla phahamisoa, hobane Molimo o khona ho mo emisa.


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


Hobane bohle ba sitilwe, mme ba haellwa ke kganya ya Modimo;


Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.


Hobane re bolokehile ka tshepo, empa tshepo e bonwang hase tshepo;


Hape, banabeso, ke le bolella Evangeli eo ke le boleletseng yona, eo le e amohetseng, eo le emeng ho yona;


Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.


Ke yena eo re nang le tshepo le ho kena ho yena ka tshepo, ka tumelo ya hae.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho ikemela ka tsatsi le lebe, le ho ema, ha le entse tsohle.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


E le hore ka dintho tse pedi tse sa fetoheng, tseo ho tsona Modimo o sitwang ho bua leshano, re tle re be le matshediso a matla, rona ba balehetseng setshabelo ho ya tshwara tshepo e beilweng ka pela rona.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


O na le kganya ya Modimo, mme lesedi la wona le ne le le jwaloka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, le ka kang lejwe la jaspere le benyang jwaloka lehakwe;


Motse o ne o sa hloke letsatsi, leha e le kgwedi ho o bonesetsa, hobane kganya ya Modimo e ne e o bonesa, mme lesedi la wona ke Konyana.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re: Bonang, tabernakele ya Modimo e hara batho;


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ