Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane ha lefu le busitse ka tshito ya motho a le mong; haholo ba amohelang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka a le mong, e leng Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane ekare haele ka baka la ho tlola ha motho a le mong lefu le busitseng ka motho eo a le mong, haholo ba fuwang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka motho a le mong, e leng Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ha e le mona, ka tshito ya motho a le mong, e leng Adama, lefu le qadile ho busa ka baka la motho eo a le mong feela, ba amohelang mohau o mongata le mpho e kgolo ya ho loka, bona ba tla busa ho feta hakaakang bophelong, ka baka la motho a le mong, Jesu Kreste!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane ha lefu le busitse ka tshito ya motho a le mong; haholo ba amohelang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka a le mong, e leng Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:17
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Leshodu ha le tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa;


Ke gone, jaaka boleo bo tsenye mo lefatsheng ka motho a le mongwe fela, le loso ka boleo; mme jalo loso lo ne lwa fetela mo bathong botlhe ka botlhe ba leofile.


Empa neo ya mohau ha e jwaloka tlolo. Hobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tshito ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo ya mohau e leng ka motho a le mong, Jesu Kreste, di atiseditse ba bangata haholoholo.


Ho feta moo, molao o ile oa kena, hore tlōlo ea molao e ate. Empa moo sebe se ileng sa ata, mohau o ata haholo.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara le setshwantsho sa wa lehodimo.


Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona;


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Mme mohau wa Morena wa rona o ile wa ata ka ho fetisisa, hammoho le tumelo le lerato le ho Kreste Jesu.


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ