Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:1
53 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba re: Ho bokwe morena ya tlang ka lebitso la Jehova!


A re: Hoja o tsebile, le wena letsatsing lena, dintho tsa kgotso ya hao! empa jwale, di patetswe mahlong a hao.


Kganya e be ho Modimo mahodimong, kgotso e be lefatsheng ho batho bao a ba ratang.


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; A dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se ke tsa tshoha.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Hobane motho o dumela ka pelo ho isa ho lokeng; mme boipolelo ka molomo bo etswa polokong.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!


Hobane mmuso wa Modimo hase ho ja le ho nwa; empa ho loka, le kgotso, le thabo ka Moya o Halalelang.


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Modimo wa kgotso a be le lona bohle. Amen.


e leng ho loka ha Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste ho bohle le ho bohle ba dumelang, hobane ha ho phapang.


Hobane Modimo o le mong feela, o tla lokafatsa ba lebollo ka tumelo, le maqai ka tumelo.


Empa ho ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang monyefodi, tumelo ya hae e ballwa ho loka.


Mme e seng hoo feela, empa hape re thabela Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng pheko ka yena.


Ka baka leo, jwalokaha kahlolo e wetse batho bohle ka tlolo e le nngwe, hore ba ahlolwe; jalo he, ka tshiamo ya motho a le mongwe fela neo ya mahala e ne ya tlela batho botlhe tshiamiso ya botshelo.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


Empa hoba tumelo e fihle, ha re sa le tlasa morupedi.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Mme, ka ho etsa kgotso ka madi a sefapano sa hae, ka yena a boelanye tsohle le yena; ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong.


Mme kgotso ya Modimo e buse dipelong tsa lona, eo le biletsweng yona mmeleng o le mong; mme le be le teboho.


Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a le fe kgotso kamehla ka mekgwa yohle. Morena a be le lona bohle.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ