Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: “Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata,” pela eo a ileng a dumela, e leng Modimo, ya phedisang bafu, ya bitsang tse siyo jwaloka hoja di teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: “Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata,” pela eo a ileng a dumela, e leng Modimo, ya phedisang bafu, ya bitsang tse siyo jwaloka hoja di teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:17
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la nahana ho re ka ho lona: Re na le ntata rona Abrahama;


Hobane jwalokaha Ntate a tsosa bafu, mme a ba phedise; le Mora o phedisa bao a ratang ho ba phedisa.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Mesebetsi yohle ya hae e tsejwa ke Modimo ho tloha tshimolohong ya lefatshe.


Na ke Modimo wa Bajuda feela? Na le yena hase wa Baditjhaba? E, le ho Baditjhaba:


Ke yena ya dumetseng ka tshepo, ho se na tshepo, hore e tle e be ntata ditjhaba tse ngata, ka polelo e reng: Leloko la hao le tla ba jwalo.


Hobane ha Abrahama a beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le boithoriso; empa eseng pela Modimo.


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


(hobane bana ha ba eso ho tswalwe, ba eso ho etse botle leha e le bofe bokgopo, hore morero wa Modimo o ikgethetseng o tle o eme, e seng ka mesebetsi, e mpe e be wa ya bitsang);


Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.


Mme Modimo o ikgethetse ditakatso tsa lefatshe, le tse nyatsehang, le tse seng teng, hore o nyedise tse teng.


Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Ka baka leo, ho tswa ho motho a le mong, eo e neng eka o shwele, ho hlahile ba bangata ba ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata, le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba se nang palo.


Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe le hlophisitswe ka lentswe la Modimo, hore tse bonahalang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Bao pele le neng le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo, le neng le sa hauhelwe, empa jwale le hauhetswe.


Empa, baratuoa, le se ke la hloka tsebo tabeng ena, hore letsatsi le le leng ho Morena le joaloka lilemo tse sekete, le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ