Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 3:28 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Ka baka leo, re lekanya hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ha ho le jwalo, re kgolwa hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Ka baka leo, re lekanya hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 3:28
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Ho rata ha ya nthomileng ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.


E le hore a bonahatse ho loka ha hae nakong ena, hore e tle e be ya lokileng, mme a beele ya dumelang ho Jesu ya lokileng.


Empa ho ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang monyefodi, tumelo ya hae e ballwa ho loka.


Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Ba bang ba lona ba ne ba le jwalo, empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu Kreste le ka Moya wa Modimo wa rona.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


Ka baka leo, molao e bile motataisi wa rona ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.


Mme Lengolo le bone e sa le pele hore Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, la bolella Abrahama Evangeli pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka wena.


E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


Ee, motho a ka re: Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi; mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


Empa na o rata ho tseba, wena motho wa lefeela, hoba tumelo e se nang mesebetsi e shwele?


Le a bona jwale hore motho o bewa ya lokileng ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ