Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 ke re, ho yena, e leng Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo ka ho sa yeng kae, ka Jesu Kreste! Amen!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Tlotla e ke e iswe, ka Jesu Kreste, ho Modimo ya bohlale a inotshi, kamehla le mehla. A ho be jwalo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:27
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane dintho tsohle di tswa ho yena, mme di teng ka yena, di ya ho yena; ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.


E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,


Jwale ho Modimo Ntata rona e be kganya ka ho sa feleng. Amen.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.


Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ