Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:25
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha le a ka la di utlwa.


E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.


Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


A phakisa a bolela masinagogeng a Kreste, hore ke Mora wa Modimo.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Wena o mang, o ahlolang mohlanka wa e mong? o ema ho monga hae, leha e le ho wa. E, o tla phahamisoa, hobane Molimo o khona ho mo emisa.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen.


Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.


A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.


Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.


Ka tlhatloga ka tshenolo, ka ba bolelela Efangele e ke e rerang mo baheitaneng, mme ka ba bolelela ba ba tlotlegang mo sephiring, e se re gongwe ka tabogela lefela, gongwe ke tabogile lefela.


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.


Le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;


E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa Morena o a tshepeha, ya tla le tiisa, a le lebela ho e mobe.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Hopola hore Jesu Kreste o tsohile bafung, e leng wa leloko la Davida, ka Evangeli ya ka.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Ke yena ya neng a rerelwe pele lefatshe le eso ho thewe, empa a bonahatswa mehleng ena ya bofelo bakeng sa lona.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le letsa terompeta ya lona, diphiri tsa Modimo di tla be di phethehile, jwalokaha a ne a boleletse bahlanka ba wona baporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ