Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:14
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le ruisitswe ke yena nthong tsohle, dipolelong tsohle, le tsebong yohle;


Hobane e mong o newa ke Moya lentswe la bohlale; e mong o bolela lentswe la tsebo ka wona Moya oo;


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Haele malebana le dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore bohle re na le tsebo. Tsebo e a ikhohomosa, empa lerato lea haha.


Hobane ekare ha motho a ka o bona wena ya nang le tsebo, o dutse ka tlung ya tempele ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la tiiswa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na?


Leha ho le jwalo, tsebo eo ha e yo ho motho e mong le e mong; mme matswalo a bona ha a fokola a a silafala.


Ka baka leo, jwalokaha le atetswe ke ntho tsohle, tumelong, le dipolelong, le tsebong, le mafolofolong wohle, le ka lerato leo le re ratang ka lona, le ka ata le mohaung ona.


(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Ka baka leo, tshedisanang hammoho, le hodisane, jwalokaha le etsa le lona.


Joale rea le eletsa, barab’eso, hore le eletse ba sa laoleheng, le tšelise ba nyahameng, le tšehetse ba fokolang, le be le mamello ho batho bohle.


Ke ka baka leo re le rapellang ka mehla, hore Modimo wa rona a le bale le le ba lokelwang ke pitso ena, mme a phethahatse molemo wohle o molemo wa molemo wa wona, le mosebetsi wa tumelo ka matla;


Ke hopola tumelo ya hao e se nang boikaketsi, eo pele e ileng ya dula ho Loise nkhono’ao, le ho Eunise mmao; mme ke kgodisehile hore le ho lona.


Ke o ngoletse ke tshepile kutlo ya hao, ke ntse ke tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se bolelang.


Hobane leha le ne le loketse ho ba mesuwe, ka nako e fetileng, le sa ntse le hloka hore motho a le rute dithuto tsa pele tsa dipolelo tsa Modimo; mme le fetohile ba hlokang lebese, e seng dijo tse thata.


Leha ho le joalo, le hoja re bua joalo, baratuoa, re kholisehile ka lintho tse molemo ka ho fetisisa le tse tsamaeang le poloko.


Ke gone ka moo, ga ke na go tlhokomologa go lo gakolola ka gale dilo tse, le fa lo di itse, lo bile lo tlhomamisitswe mo boammaaruring jo bo leng teng.


Ha ke le ngoletse kahobane le sa tsebe nnete, empa e le kahobane le e tseba, le kahobane ho se leshano le tswang nneteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ