Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 kapa ya kgothatsang, a be a kgothatse; ya fanang a etse ka bonolo; ya busang, a a buse ka tjantjello; ya etsang mohau, a etse ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 kapa ya kgothatsang, a be a kgothatse; ya fanang a etse ka bonolo; ya busang, a a buse ka tjantjello; ya etsang mohau, a etse ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:8
57 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Mmusisi, ha a bona se etsahetseng, a dumela, a hloletswe ke thuto ya Morena.


Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.


Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Yare ha a haola le dibaka tseo, mme a ba kgothaditse haholo, a fihla Greece.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Le Josefa, eo baapostola ba mo reileng Barnabase, ke ho re, Mora wa Matshediso, ke ho re, Molevi, wa naha ya Sipera.


Abelang bahalaledi ka seo ba se hlokang; ho amohela baeti.


Ka baka leo, le lona le ntshetsa lekgetho;


Mme Modimo o behile ba bang ka phuthehong, pele baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba mehlolo, ho ntoo ba dineo tsa phodiso, le dithuso, le mebuso, le dipuopuo tse fapaneng.


Empa ya porofetang o bua le batho ho aha, le ho kgothatsa, le ho tshedisa.


Hobane thabo ya rona ke ena, bopaki ba matswalo a rona, hore re tsamaile lefatsheng, mme haholoholo bakeng sa lona, ka botshepehi le botshepehi ba Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e le ka mohau wa Modimo.


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.


le ruilwe nthong tsohle ho newa ka bongata, ho isang teboho ho Modimo ka rona.


Erekaha tshebeletso ena e lemohile, ba tlotlisa Modimo ka baka la ho ikokobetsa ha lona molaetsa o molemo wa Kreste, le ka baka la ho fana ha lona ho bona le ho batho bohle.


E mong le e mong a ntshe kamoo a rerileng kateng pelong ya hae; e seng ka ho ikgohomosa, kapa ka ho qobellwa, hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


Lona bahlanka, le mamele beng ba lona ka nqeng ya nama, ka tshabo le ka thothomelo, ka botshepehi ba dipelo tsa lona, jwaloka hoja le utlwa Kreste;


Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka nama nthong tsohle; e seng ka ho tadima mahlo, jwaloka hoja e le ba kgahlisang batho; empa ka botshepehi ba pelo, ka ho tshaba Modimo.


Hobane kgothatso ya rona hase ya thetso, leha e le ditshila, leha e le manong.


Ka mokgwa o jwalo, ka ha re le ratile ka lerato, re ratile ho le abela Evangeli ya Modimo feela, empa le meya ya rona, kahobane le ne le le baratuwa ho rona.


Ho fihlela ke fihla, o sebeletse ho bala, ho eletseng, ho ruteng.


Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.


Hore ba etse se molemo, ba rue mesebetsing e metle, ba ikemisetse ho aba, ba rate ho arolelana;


Re se ke ra tlohela ho phutheha ha rona, jwalokaha e le mokgwa wa ba bang; empa re kgothatsana, mme haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.


Utlwang ba le busang, mme le ipee ka tlase ho lona;


Ke a le rapela, banabeso, hore le mamelle lentswe la kgothatso, hobane ke le ngoletse ka bokgutshwanyane.


Ntumedisetseng bohle ba le busang, le bahalaledi bohle. Ba Italy baa le lumelisa.


Hopolang ba le busang, ba le boleletseng lentswe la Modimo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ