Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Erekaha re ena le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng, leha e le boporofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Erekaha re ena le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng, leha e le boporofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:6
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong;


Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi a tla, a re: ’Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile ditalenta tse ding tse pedi.


Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;


Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.


Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshollela Moya wa ka hodima nama yohle; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba bone dipono, maqheku a lona a lore ditoro.


Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana ba neng ba profeta.


Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le tiise;


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


Empa jwale Modimo o behile ditho se seng le se seng sa tsona mmeleng, kamoo o ratileng kateng.


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Latelang lerato, mme le lakatse dineo tsa moya, empa haholo hore le tle le porofete.


Empa ha bohle ba porofeta, mme ho kena e mong ya sa dumelang, kapa ya sa rutehang, o tla kgodiseha ke bohle, mme o tla ahlolwa ke bohle.


Baporofeta ba bue ba babedi kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole.


Pauluse ke mang, le Apolose ke mang, haese basebeletsi bao le dumetseng ka bona, jwalokaha Morena a neile e mong le e mong?


Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo.


Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.


Seo mehleng e meng se sa kang sa tsebiswa bana ba batho, jwalokaha se se se senoletswe baapostola ba hae ba halalelang le baporofeta ka Moya;


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re beng maikutlo a jwalo;


Le ntse le tseba sena pele, hore ha ho boprofeta ba Lengolo bo ka hlaloswang a le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ