Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:3
47 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mofarisi a ema, a ithapella, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Joale; ka baka la ho se dumele ba kgaolwa, mme wena o eme ka tumelo. O se ke wa ikgohomosa, o mpe o tshabe;


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Ebang le kelello e le ’ngoe e mong ho e mong. Le se ke la hlokomela tse phahameng, le mpe le ipee boemong ba batho ba tlaase. Le se ke la ipona bohlale.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.


E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.


Empa rona re ke ke ra ithorisa ho feta tekanyo, empa e le ka tekanyo ya tekanyo eo Modimo a re abetseng yona, ho isa le ho lona.


Hobane le bile ba tlaasana ho dikereke tse ding ka eng, haese hore nna ha ke a ka ka le imela? ntshwarele phoso ena.


Mme e le hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo ka bongata ba ditshenolo, ke ile ka newa moutlwa nameng, lenqosa la Satane hore le nkotle, hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo.


Hobane ha motho a itekanya hore ke letho, athe hase letho, o a ithetsa.


Ekare ha le utlwile tsa ho aba mohau wa Modimo oo ke o neilweng bakeng sa lona;


Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.


Ke yena eo mmele wohle o kopantsweng hantle, o kopantsweng hantle, ka ho tshehetswa ha leloko le leng le le leng, ho ya ka tshebetso e lekanyang setho se seng le se seng, o hodisa mmele ho ikgahang ka lerato.


Hobane ke Modimo ya sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa ka thato ya wona e molemo.


Ke sona seo ke se sebeletsang, ke ntse ke lwana ho ya ka tshebetso ya hae, e sebetsang ka ho nna ka matla.


Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.


Mme mohau wa Morena wa rona o ile wa ata ka ho fetisisa, hammoho le tumelo le lerato le ho Kreste Jesu.


Leha ho le joalo, o tla bolokeha ka ho tsoala bana, haeba ba tsoela pele tumelong le leratong le khalalelong le ho hlaphoheloa kelellong.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba ikgabise ka diaparo tse hlomphehang, ba ikgabise ka dihlong, le boitlhopho; e seng ka moriri o forilweng, leha e le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le ka diaparo tsa theko e boima;


E re ruta hore re lahle bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, mme re phele ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi, lefatsheng lena;


Ke gore banna ba ba godileng ba nne tekatekano, ba le masisi, ba le tekatekano, ba itekanetse mo tumelong, mo loratong, le mo bopeloteleleng.


ba tle ba rute basadi ba batjha ho hlaphohelwa, ho rata banna ba bona, le ho rata bana ba bona;


Ka mokgwa o jwalo, bahlankana o ba kgothatse hore ba be le kelello.


Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


Ka mokgwa o jwalo, le lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. E, lona bohle, le ipee e mong e mong ho e mong, mme le apare boikokobetso;


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Ke ile ka ngolla phutheho, empa Diotrefe, ya ratang ho ba wa pele hara bona, ha a re amohele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ