Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:2
61 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.


Mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le be le sa beheng.


Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna.


Hoja le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata sa lona; empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ke ka baka leo lefatshe le le hloileng.


Ke ba neile lentswe la hao; mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, se ntlhoile, kahobane ke se pakela hore mesebetsi ya sona e mebe.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Le mpe le apare Morena Jesu Kreste, mme le se ke la ipatlela nama ho phethahatsa ditakatso tsa yona.


Ka baka leo, molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.


Hobane re a tseba hoba molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe.


Hobane ke kgahlwa ke molao wa Modimo ka botho ba kahare;


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya ho Modimo. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwara ba bohlale manong a bona.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Ya ikgafileng ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.


Hobane sena ke thato ya Modimo, khalaletso ya lona, hore le ile bohlola;


E seng ka mesebetsi ya ho loka eo re e entseng, empa e le ka mohau wa wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa botjha, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang;


Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.


Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.


Le be bana ba mamelang, le se ke la ipapisa le ditakatso tsa lona tsa pele, tsa ho se tsebe ha lona.


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Haeba ho jwalo le latswitse hore Morena o mohau.


e le hore nako e setseng ea nama a se ke a hlola a phela litakatsong tsa batho, empa e le thato ea Molimo.


Ke tseo re di neilweng ka tsona dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore le tle le be le kabelo sebopehong sa bomodimo, le phonyohile ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso.


Hobane ha ba ka boela ba phonyoha ditshila tsa lefatshe ka tsebo ya Morena le Mopholosi Jesu Kreste, mme ba boela ba tshwaswa ke tsona, mme ba hlolwa ke tsona, qetello ya bona e mpe ho feta ya pele.


Bana beso, le se ke la makala ha lefatshe le le hloya.


Mme re a tseba hore re ba Modimo, mme lefatshe lohle le rapaletse matleng a e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ