Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba o tlotlisa jwaloka Modimo, leha e le ho o leboha; empa ba fetoha lefeela mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona tse hlokang kelello tsa fifala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba o tlotlisa jwaloka Modimo, leha e le ho o leboha; empa ba fetoha lefeela mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona tse hlokang kelello tsa fifala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:21
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme kahlolo ke ena, lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Hobane tse ka tsejwang tsa Modimo di bonahala ho bona; hobane Modimo o ba senoletse yona.


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Mahlo a bona a a fifale, ba tle ba se ke ba bona;


Le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o rorisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao.


Hobane batho e tla ba baithati, ba meharo, baikakasi, baikgohomosi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ