Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo, hore ke rerile hangata ho tla ho lona, empa ka thibelwa ho fihlela jwale, hore ke tle ke be le ditholwana le hara lona, jwalokaha ke le hara baditjhaba ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo, hore ke rerile hangata ho tla ho lona, empa ka thibelwa ho fihlela jwale, hore ke tle ke be le ditholwana le hara lona, jwalokaha ke le hara baditjhaba ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:13
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannetenete ke re ho lona: Ntle le hore hlaku ya koro e wele mobung mme e shwe, e tla dula e nnotshi;


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Mme ya kotulang o amohela moputso, mme o bokella ditholwana bophelong bo sa feleng, hore ya jalang le ya kotulang ba thabe hammoho.


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Yaba letshwele lohle la kgutsa, la mamela Barnabase le Pauluse, ba bolela mehlolo le meeka eo Modimo o e entseng ka bona hara baditjhaba.


Eitse hobane taba tseo di phethehe, Pauluse a rera moyeng, ha a haola le Masedonia le Akaia, ho ya Jerusalema, a re: Etlare hobane ke fihle teng, eka kgona ke bone le Roma.


Eitse hobane a ba dumedise, a ba hlalosetsa haholo tseo Modimo o di entseng hara baditjhaba ka tshebeletso ya hae.


Moo ra fumana baena, mme ra kopelwa ho hlola le bona matsatsi a supileng, mme ra leba Roma.


Ke ho re, ke tle ke tshedisehe hammoho le lona ka tumelo e le nngwe, ya lona le ya ka.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Bana beso, na ha le tsebe (hobane ke bua le ba tsebang molao) hoba molao o busa motho ha a sa phela?


Jwale, banabeso, ke a le rapela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le bue bohle ka ho tshwana, hore ho se be le dikgaohano hara lona; le mpe le kopanngwe ka ho phethehileng mohopolong o le mong le mohopolong o le mong.


Hape, banabeso, ha ke rate hore le hloke tsebo, hoba bontata rona bohle ba ne ba le tlasa leru, mme bohle ba ne ba tshetse lewatle;


Haele dineo tsa Moya, banabeso, ha ke rate hore le hloke tsebo.


Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;


Ho tla jwang jwale, banabeso? Ha le phuthehile, e mong le e mong wa lona o na le sefela, o na le thuto, o na le puo, o na le tshenolo, o na le tlhaloso. Lintho tsohle li ke li etsoe ho haha.


Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena;


Bana beso, ha re rate hore le hloke tsebo mabapi le tsietsi ya rona e ileng ya re hlahela Asia, hore re ne re petetswe ho feta matla a rona, hoo re neng re nyahame le ka bophelo.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


Bana beso, ke bua ka mokgwa wa batho; Leha e le selekane sa motho, leha se ka tiiswa, ha ho motho ya ka e fedisang, leha e le ya ekeletsang ho yona.


Bana beso, mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le moya wa lona. Amen. (Ho Bagalata e ngoletsoe ho tsoa Roma.)


Empa haeba ke phela nameng, hona ke litholoana tsa mosebetsi oa ka;


Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


Ka baka leo, re ratile ho tla ho lona, e leng nna Pauluse, hang le la bobedi; empa Satane a re sitisa.


Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Hobane sephiri sa bokgopo se se se ntse se sebetsa;


Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ