Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaKolose 1:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Eo e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la dibopuwa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Eo e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la dibopuwa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaKolose 1:15
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?


Hojane ke se ke ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng motho ya e entseng, ba ka be ba se na sebe;


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Eo e neng e le ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya ho lekana le Modimo e le boshodu.


Ya re lopolotseng matleng a lefifi, mme a re isa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.


Ka tumelo a tloha Egepeta, a sa tshabe kgalefo ya morena;


Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ