Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 9:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 9:24
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iponeleng, le tle le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana; gonne ke lo raya ke re: Baengele ba bone kwa legodimong ba bona sefatlhego sa ga Rre yo o kwa legodimong ka metlha.


Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.


Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.


Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nkelwa lehodimong.


Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;


Le tla reng, ha le ka bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.


Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo? Ke Molimo ea lokafatsang.


Hobane rea tseba hoba ntlo ya rona e lefatsheng, e leng tabernakele, ha e heleha, re na le mohaho o tswang ho Modimo, e leng ntlo e mahodimong e sa etswang ka matsoho, e sa feleng.


Tlhomamisang dilo tse di kwa godimo, e seng tse di mo lefatsheng.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.


moo moetellipele a kenetseng teng bakeng sa rona, e leng Jesu, o bile moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tabernakele ya nnete e hlomilweng ke Jehova, e seng motho.


Ba sebeletsang mohlala le moriti wa dintho tsa lehodimo, jwalokaha Moshe a laetswe ke Modimo, ha a le haufi le ho etsa tabernakele;


Jwale, selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso ya Modimo, le sehalalelo sa lefatshe.


Ka baka leo, ho ne ho loketse hore ditshwantsho tsa dintho tse lehodimong di hlwekiswe ka tsona; empa lintho tsa leholimo tsona li na le mahlabelo a molemo ho feta ana.


Oo e neng e le setshwantsho sa mehleng e teng, seo ka sona ho neng ho nyeheloa dimpho le mahlabelo, tse neng di sitwa ho etsa hore ya etsang tshebeletso eo e be ya phethahetseng, ho ya ka letswalo.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare, le tshwere pitsa ya kgauta; a newa dibano tse ngata, hore a di nyehele hammoho le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta e pela terone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ