Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 9:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 9:15
52 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.


A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba memilweng moketeng wa lenyalo, empa ba hana ho tla.


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Ke hlobotse, la nkapesa; ke ne ke kula, mme la nketela; ke ne ke le teronkong, mme la tla ho nna.


Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Mme mmusi e mong a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Ka mokgwa o jwalo, a nka le senwelo kamora selallo, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.


Mme ke di fa bophelo bo sa feleng; mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong;


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


Hobane ekare ha re ne re le dira, re boelane le Modimo ka lefu la Mora wa wona, haholo ha re se re boelantswe, re tla bolokeha ka bophelo ba hae haholo.


Hobane ha re ne re se na matla, Kreste ka nako e loketseng a shwela ba kgopo.


Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


Ho feta moo, bao a ba reretseng pele, ke bona bao a ba bitsitseng; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse;


Le rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara Baditjhaba?


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Mmueledi ha se wa motho a le mong, empa Modimo o mong feela.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane Modimo o mong, le mmoelanyi o mong mahareng a Modimo le batho, ke Kreste Jesu motho;


Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Hobane le hloka mamello, e le hore, ha le se le entse thato ya Modimo, le tle le amohele pallo.


Bao bohle ba shwetse tumelong, ba eso ka ba amohela dipallo, empa ba di bone di sa le hole, ba di kgodisitse, mme ba ipoletse hore ke bajaki le bajaki lefatsheng.


Le ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading a ho fafatsa, a bolelang tse molemo ho fetisa tsa Abele.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Hobane eitse ha Modimo o etsa pallo ho Abrahama, kahobane ho ne ho se e mong e moholo ho yena eo ho neng ho se e moholo ho yena a neng a ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona.


Jwale, eitse hobane a mamelle, a fumana pallo.


Ka mokgwa o jwalo Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se molemo ho feta.


Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Hobane moo selekane se leng teng, lefu la ya entseng selekane le lona le tshwanetse ho ba teng.


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko, hobane mohla a lekilweng, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Jehova a o tshepisitseng ba mo ratang.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Mme tshepiso eo a re tshepisitseng yona ke ena, bophelo bo sa feleng.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ