Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 9:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 9:14
76 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?


Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho;


Le nahane ka makgwaba, hobane ha a jale leha e le ho kotula; tse se nang ntlo ya polokelo, leha e le mediko; mme Modimo o a di fepa: lona le fetisa dinonyana hakakang?


Haeba Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping; a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.


Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.


Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a sa feleng, le Bomodimo ba wona, di bonahala hantle ho tloha tlholehong ya lefatshe, ha di lemohuwa ka mesebetsi ya wona; ba tle ba hloke maitatolo.


mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.


Jwale haeba ho wa ha bona e le leruo la lefatshe, mme ho fokotseha ha bona ho ruisa baditjhaba; hakakang ho tlala ha tsona?


Hobane ekare ha wena, o ile wa rengwa sefateng sa mohlwaare wa naha ka tlhaho, mme wa hlomesetswa sefateng sa mohlwaare se molemo ka mokgwa o sa tshwanelang, ho ka ba jwang hore bao e leng ditholwana tsa hlaho ba hlomathiseletswe sefateng sa bona sa mohlwaare?


Le se ke la nehelana ka ditho tsa lona sebeng, hore e be disebediswa tsa bokgopo;


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Hobane nna ka molao ke shwele mabapi le molao, ke tle ke phelele Modimo.


Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Empa monna enoa, hoba a fane ka sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng, o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo;


Hoja di ka be di sa ka tsa kgaotsa ho nyehelwa na? hobane barapeli ba hloekisitsoeng hang ba ka be ba se ba se na letsoalo la libe.


A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Ka tumelo, ha Jakobo a le makhatheng a ho shoa, a hlohonolofatsa bara ba Josefa ba babeli; mme a kgumamela, a itshetlehile ka ntlha ya lere la hae.


Ka baka leo, Jesu le yena, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o ile a hlokofatswa kantle ho monyako wa motse.


Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.


Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;


O o dihilweng, e seng ka molao wa taelo ya nama, empa e le ka matla a bophelo bo sa feleng.


Ke yena ya sa batleng ho hlahisa mahlabelo ka tsatsi le leng le le leng, jwaloka baprista ba baholo, pele ka baka la dibe tsa hae, e ntano ba tsa tsa setjhaba;


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Hojane o ka be a ile a utlwa bohloko hangata haesale lefatshe le thewa;


Empa ho ya bobedi, moprista e moholo a nnotshi o kena hang ka selemo, e seng ntle le madi, ao a ikgethelang wona le bakeng sa ditlolo tsa setjhaba.


Oo e neng e le setshwantsho sa mehleng e teng, seo ka sona ho neng ho nyeheloa dimpho le mahlabelo, tse neng di sitwa ho etsa hore ya etsang tshebeletso eo e be ya phethahetseng, ho ya ka letswalo.


Empa ka madi a bohlokwa a Kreste, a konyana e se nang sekodi, e se nang sekodi.


Ya sa kang a etsa sebe, mme leshano ha le a ka la fumanwa molomong wa hae.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


e le hore nako e setseng ea nama a se ke a hlola a phela litakatsong tsa batho, empa e le thato ea Molimo.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.


Mme le a tseba hore yena o ile a bonahatswa hore a tlose dibe tsa rona; mme ho yena ha ho sebe.


le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ