Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ke moo Modimo o ratileng haholo ho bontsha majalefa a pallo ho se fetohe ha morero wa wona, o o tiisitse ka kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke ka baka leo Modimo, mohla o ratileng ho kgodisisa majalefa a pallo hoba morero wa wona ha o na ho fetoha, o kileng wa kenya kano;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ke moo Modimo o ratileng haholo ho bontsha majalefa a pallo ho se fetohe ha morero wa wona, o o tiisitse ka kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:17
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leshodu ha le tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa;


Hobane dineo le pitso tsa Modimo ha di na pako.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ho ya ka pallo.


Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Ka tumelo o ile a jaka lefatsheng la pallo, jwaloka hoja a le naheng esele, a ahile ditenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le yena a pallo eo.


Hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.


E le hore ka dintho tse pedi tse sa fetoheng, tseo ho tsona Modimo o sitwang ho bua leshano, re tle re be le matshediso a matla, rona ba balehetseng setshabelo ho ya tshwara tshepo e beilweng ka pela rona.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntate wa masedi, eo ho yena ho se nang phetoho, leha e le moriti wa ho reteleha.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, dulang le bona ka tsebo, le ntse le hlompha basadi, jwaloka pitsa e fokolang, le majalefa hammoho le bona a mohau wa bophelo hore merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ