Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka baka leo, a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e tletseng, re se boele ra thea motheo wa ho baka mesebetsing e shweleng le wa tumelo ho Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:1
50 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela.


Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;


A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.


Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya se ke ya wa: hobane e ne e theilwe hodima lefika.


Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo;


O jwaloka motho ya hahileng ntlo, mme a tjheka botebong, mme a thea motheo hodima lefika;


Jesu a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.


A dipelo tsa lona di se ferekane; le dumela ho Modimo, le dumele le ho nna.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.


Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.


Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;


Empa mohla se phethehileng se fihla, se sa fellang se tla fela.


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, empa e seng bohlale ba lefatshe lena, leha e le ba marena a lefatshe lena a fediswang.


Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.


Hobane ho swaba ka tsela ya Modimo ho hlahisa pako e isang pholohong, e sa bakeleng;


Le lona o le phedisitse, ba neng ba shwele ditlolo le dibe;


Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)


bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste.


Ke yena eo re mo bolelang, re lemosa batho bohle, mme re ruta batho bohle ka bohlale bohle; re tle re hlahise motho e mong le e mong a phethehile ho Jesu Kreste;


Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.


Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ba ipokellele motheo o motle wa nako e tlang ho tla, ba tle ba tshware bophelo bo sa feleng.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;


Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.


Ekare ha phetheho e ne e le teng ka boprista ba Balevi, (hobane setjhaba se amohile molao ke bona), ho ne ho sa ntse ho hlokahala jwang hore ho tsohe moprista e mong ka mokgwa wa Melkisedeke, ya sa bitsweng ka mokgwa wa Aarone?


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Empa mamello e ke e be mosebetsi o phethehileng, le tle le be ba phethahetseng le ba phethahetseng, le sa hloke letho.


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe. Ha re ratana, Modimo o ahile ho rona, mme lerato la hae le phethehile ho rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ