Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 2:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane leha e le ya halaletsang, leha e le ba halaletswang, ke ba a le mong bohle; ka baka leo, ha a na dihlong tsa ho ba bitsa banababo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 2:11
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.


Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.


Yaba o qamaka ba dutseng ba mo teetse hare, a re: “Mme le banabeso ke bana!


Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.


Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka, Mora motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


Mme ke a iitshepisa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


O entse ditjhaba tsohle tsa batho ho tswa mading a le mong, hore di ahe hodima lefatshe lohle, mme o rerile dinako tse beilweng pele, le meedi ya ho aha ha tsona;


Hobane ho yena re phela, re sisinyeha, re teng; jwalokaha baroki ba bang ba lona ba boletse, ba re: Le rona re bana ba hae.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Hobane ka sehlabelo se le seng o entse hore ba halaletswang ba phethehe ka ho sa feleng.


Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;


Ka baka leo, Jesu le yena, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o ile a hlokofatswa kantle ho monyako wa motse.


Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ