Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hopolang ba le busang, ba le boleletseng lentswe la Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Hopolang ba le busang, ba le boleletseng lentswe la Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:7
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng?


Morena a re: Ha ho le jwalo, ke mang motsamaisi ya tshepahalang, ya bohlale, eo morena wa hae a tla mmea hore a okamele ba ntlo ya hae, ho ba nea kabelo ya bona ya dijo ka nako e loketseng?


Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.


Jwale setshwantsho ke sena: Peo ke lentswe la Modimo.


Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Ka baka leo, tumelo e tla ka kutlo, mme kutlo e tla ka lentswe la Modimo.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.


Ebang baetsisi ba ka, jwalokaha le nna ke le wa Kreste.


Ka baka leo, ke a le rapela: Ebang baetsisi ba ka.


Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona.


Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


Hobane le lona le a tseba kamoo le tshwanetseng ho re etsisa kateng;


E seng kahobane re se na matla, empa e le hore re iketsetse mohlala ho lona, le tle le re etsise.


(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)


Utlwang ba le busang, mme le ipee ka tlase ho lona;


Ntumedisetseng bohle ba le busang, le bahalaledi bohle. Ba Italy baa le lumelisa.


Hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ