Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ke a le rapela, banabeso, hore le mamelle lentswe la kgothatso, hobane ke le ngoletse ka bokgutshwanyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Ke a le rapela, banabeso, hore le mamelle lentswe la kgothatso, hobane ke le ngoletse ka bokgutshwanyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:22
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.


Jwale, nna, Pauluse, ke a le rapela ka bonolo le bonolo ba Kreste, eo ke leng bonolo hara lona ha ke le teng, empa ha ke le siyo, ke le sebete mabapi le lona.


Jwale, re manqosa bakeng sa Kreste, jwaloka hoja Modimo a le rapela ka rona;


Jwale, jwaloka basebetsi mmoho le yena, re a le rapela hore le se ke la amohela mohau wa Modimo lefeela.


Bonang kamoo lengolo le lekaakang leo ke le ngoletseng lona ka letsoho la ka.


Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae),


Mme le lebetse kgothatso e buang le lona jwaloka bana, e reng: Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha a o kgalemela.


Empa ke le rapela haholo hore le etse hoo, hore ke tle ke busetswe ho lona kapele.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.


Ka baka leo, a re sebeletseng ka thata ho kena phomolong eo, e le hore ho se be motho ya ka wang ho latela mohlala oo wa ho se dumele.


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ