Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ke bolela sena, banabeso, hore nako e kgutshwanyane;


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo.


Hobane puo ya rona e mahodimong; moo hape re lebeletseng Mopholosi, Morena Jesu Kreste ho tswa teng.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.


Hobane lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, ha a a ka a bea taolong ya mangeloi.


Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo.


Empa Kreste, ha a se a tlile, e le moprista e moholo wa tse molemo tse tlang ho tla, ka tabernakele e fetisang ka boholo, e phethehileng ka ho fetisa, e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, e seng ya moaho ona;


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ