Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 12:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 12:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.


Hobane le tsona dibopuwa di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di tle di be le tokoloho e tlotlehang ya bana ba Modimo.


le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.


Mme o re: Wena Morena, tshimolohong o ne o theile lefatshe; mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao.


Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.


Empa Kreste, ha a se a tlile, e le moprista e moholo wa tse molemo tse tlang ho tla, ka tabernakele e fetisang ka boholo, e phethehileng ka ho fetisa, e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, e seng ya moaho ona;


Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.


Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.


Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ