Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 12:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Le ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading a ho fafatsa, a bolelang tse molemo ho fetisa tsa Abele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Le ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading a ho fafatsa, a bolelang tse molemo ho fetisa tsa Abele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 12:24
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore madi wohle a lokileng a tsholotsweng lefatsheng a tle hodima lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho isa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.


A re ho bona: Sena ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.


Ho qala ka madi a Abele ho isa mading a Sakaria ya bolailweng pakeng tsa aletare le Tempele.


Ka mokgwa o jwalo, a nka le senwelo kamora selallo, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.


Mmueledi ha se wa motho a le mong, empa Modimo o mong feela.


Hobane Modimo o mong, le mmoelanyi o mong mahareng a Modimo le batho, ke Kreste Jesu motho;


A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Ka tumelo a etsa Paseka le ho fafatsa ka madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ba ama.


Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Ka mokgwa o jwalo Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se molemo ho feta.


Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.


Empa jwale o fumane tshebeletso e fetisang ka boholo, kamoo e bileng mmoelanyi wa selekane se fetisang kateng, se theilweng hodima dipallo tse fetisang ka molemo.


Hobane o a ba nyatsa, o re: Bonang, ho tla matsatsi ao ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda, ho bolela Jehova.


Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.


Eitse hobane Moshe a laele setjhaba kaofela, ho ya ka molao, a nka madi a namane, le a diphooko, le metsi, le boya bo lefubedu, le hisopa, mme a fafatsa buka le setjhaba kaofela.


Ho feta moo, a foka tabernakele le dijana tsohle tsa tshebeletso ka madi.


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ