Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 12:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 12:23
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora motho.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.


Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara le setshwantsho sa wa lehodimo.


Etlare ha se bolang sena se apere ho se bole, mme se shwang sena se apara ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo e ngodilweng, e reng: Lefu le metsitswe ke tlholo.


Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho.


Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)


Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;


Hobane Modimo o re lokiseditse ho hong ho molemo, hore bona ba se ke ba phetheha kantle ho rona.


A re: Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o binele difela hara phutheho.


Mme jwalokaha ho laetswe hore batho ba shwe hang, mme kamora moo e be kahlolo;


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ