Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 12:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 12:22
49 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Leha e le ka lefatshe; hobane ke bonamelo ba maoto a hae: leha e le ka Jerusalema; hobane ke motse wa Morena e moholo.


Ke moo Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, a tlose bokgopo ho Jakobo;


Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.


Empa Jerusalema wa hodimo o lokolohile, e leng mma rona bohle.


Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo.


Hobane puo ya rona e mahodimong; moo hape re lebeletseng Mopholosi, Morena Jesu Kreste ho tswa teng.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.


Hobane o ne a lebeletse motse o nang le metheo, oo sehahi le moetsi wa wona e leng Modimo.


Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;


Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.


Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete.


Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.


La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o moholo, Jerusalema o halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo o phelang, mme la howeletsa ka lentswe le phahameng mangeloi a mane a neng a neilwe ho senya lefatshe le lewatle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ