Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Hobane le hloka mamello, e le hore, ha le se le entse thato ya Modimo, le tle le amohele pallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Hobane le hloka mamello, e le hore, ha le se le entse thato ya Modimo, le tle le amohele pallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:36
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.


Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.


Empa ya tiisetsang ho isa bofelong, ke yena ya tla bolokeha.


Ha se bohle ba reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena mmusong wa mahodimo; empa ke ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Modimo, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.


Ka mamello ya lona le tla rua meya ya lona.


Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba tsa thuto eo, hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


Eitse hobane a mo tlose, a ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona; mme a mo pakela, a re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya ka pelong ya ka, ya tla phetha thato ya ka yohle.


Hobane Davida, eitse hobane a sebeletse moloko wa hae ka thato ya Modimo, a ithoballa, mme a patwa ho bontatae, mme a bona ho bola.


Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


Empa ha re tshepile seo re sa se boneng, re se lebella ka mamello.


Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.


E seng ka ho sebeletsa mahlong, jwalokaha ba kgahlisa batho; le mpe le be bahlanka ba Kreste, ba etsang thato ya Modimo ka pelo yohle;


Le matlafaditswe ka matla wohle, ho ya ka matla a kganya ya wona, le tle le be le tiisetso yohle le mamello ka thabo;


Le ntse le tseba hore le tla fuwa ho Morena moputso wa lefa, hobane le sebeletsa Morena Kreste.


Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.


Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.


Mme bao kaofela, kahobane ba ne ba pakilwe ka tumelo, ha ba ka ba amohela tshepiso;


Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.


Jwale, eitse hobane a mamelle, a fumana pallo.


Ke moo Modimo o ratileng haholo ho bontsha majalefa a pallo ho se fetohe ha morero wa wona, o o tiisitse ka kano.


Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.


le ntse le amohela pheletso ya tumelo ya lona, e leng poloko ya meya ya lona.


Lefatshe le a feta le ditakatso tsa lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.


Ya isang kgolehong o tla ya kgolehong; ya bolayang ka lerumo o tla bolawa ka sabole. Ke moo ho nang le mamello le tumelo ya bahalaledi.


Mona ke mamello ya bahalaledi: ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ