Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa monna enoa, hoba a fane ka sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng, o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Empa Kreste, hoba a nyehele hanngwe ka sehlabelo ka baka la dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Modimo, ka mehla yohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Empa monna enoa, hoba a fane ka sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng, o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.


Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Hobane ka sehlabelo se le seng o entse hore ba halaletswang ba phethehe ka ho sa feleng.


Hobane moprista e moholo e mong le e mong, ya nkwang hara batho, o beelwa batho ho sebeletsa Modimo, hore a tle a hlahise dimpho le mahlabelo ka baka la dibe;


Ka baka leo, o tshwanetse ho itlhabela dibe, jwalokaha a etsetsa setjhaba.


Ke yena ya sa batleng ho hlahisa mahlabelo ka tsatsi le leng le le leng, jwaloka baprista ba baholo, pele ka baka la dibe tsa hae, e ntano ba tsa tsa setjhaba;


Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ