Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ke ka thato eo re halaleditsweng ka nyehelo ya mmele wa Jesu Kreste, e entsweng hanngwe feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:10
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ke a iitshepisa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, mme hanghang ha tswa madi le metsi.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea bakeng sa bophelo ba lefatshe.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Ba bang ba lona ba ne ba le jwalo, empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu Kreste le ka Moya wa Modimo wa rona.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


hore a tle a e halaletse, a e hlwekise ka hlatsuo ya metsi ka lentswe;


Empa monna enoa, hoba a fane ka sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng, o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo;


Hobane ka sehlabelo se le seng o entse hore ba halaletswang ba phethehe ka ho sa feleng.


Ka tsela e ntjha, e phelang, eo a re kgethetseng yona, e phunyeletsang lesira, ke ho re, nama ya hae;


Le lekanya hakakang, ha le ka lekanya hore o lokelwa ke kotlo e fetisang hakakang, ya hatang Mora wa Modimo ka maoto, a nkang madi a selekane, ao a halaleditsweng ka wona, e le ntho e sa halaleleng, mme a nyedisitse Moya tsa mohau?


Ka baka leo, mohla a tlang lefatsheng, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Ka baka leo, Jesu le yena, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o ile a hlokofatswa kantle ho monyako wa motse.


Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;


Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;


Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;


Ke yena ya sa batleng ho hlahisa mahlabelo ka tsatsi le leng le le leng, jwaloka baprista ba baholo, pele ka baka la dibe tsa hae, e ntano ba tsa tsa setjhaba;


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Hojane o ka be a ile a utlwa bohloko hangata haesale lefatshe le thewa;


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Enwa ke yena ya tlileng ka metsi le madi, e leng Jesu Kreste; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le madi. Mme ke Moya o fanang ka bopaki, hobane Moya ke nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ