Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 6:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ke bona ba le qobellang ho bolla; feela ba tle ba se ke ba hlorisetsoa sefapano sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ke bona ba le qobellang ho bolla; feela ba tle ba se ke ba hlorisetsoa sefapano sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 6:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle.


Ka mokgwa o jwalo le lona kantle, le bonahala le lokile ho batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.


Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;


Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


Ka baka leo, ha o etsa dithuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha baikaketsi ba etsa masinagogeng le diterateng, ba tle ba tlotliswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


A re ho bona: Ke lona ba ipeileng ba lokileng pela batho; empa Modimo o tseba dipelo tsa lona;


Ba metsang matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi ba etsa merapelo e melelele;


Banna ba bang ba theohang Judea, ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, le ke ke la pholoswa.


Empa badumedi ba bang ba lequloana la Bafarisi ba ema, ba re: Ho a hlokahala ho bolotswa, le ho laelwa ho boloka molao wa Moshe.


Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang;


Hobane ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba iphetolang baapostola ba Kreste.


Eitse ha ke bona hobane ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ya bohle: Ekare ha wena, o leng Mojuda, o phela ka mokgwa wa Baditjhaba, e seng jwaloka Bajuda, ke ka baka lang o qobellang badumedi? Balichaba ho phela joaloka Bajuda?


Empa le Tite ya neng a ena le nna, leha e le Mogerike, ha a ka a qobellwa ho bolla;


Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.


Hobane le bona ba bolotseng ha ba boloke molao; empa ba rata hore le bolotswe, ba tle ba ithorise nameng ya lona.


Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.


E mong le e mong a se ke a tadima tsa hae, a mpe a tadime le tsa ba bang.


Hobane ba bangata ba tsamayang, bao ke le boleletseng hangata ka bona, mme jwale ke ntse ke le bolella ka dillo, ke re, ke dira tsa sefapano sa Kreste.


Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ