Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:22
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


Ekare ha o ka beha, ho lokile; mme ha ho se jwalo, o tla o rema.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng, o a le tlosa, mme lekala le leng le le leng le behang o a le hloekisa, hore le tle le behe haholo.


Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.


Hobane mmuso wa Modimo hase ho ja le ho nwa; empa ho loka, le kgotso, le thabo ka Moya o Halalelang.


Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.


Hobane le yena Kreste ha a ka a ikhahlisa; empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dinyefolo tsa ba o nyefotseng di ile tsa nkwela hodimo.


Jwale, banabeso, ke a le rapela ka baka la Morena Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le nne le ntlafatse le nna merapelong ya lona ho Modimo bakeng sa ka;


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Gonne ba ba ka fa nameng ba tlhokometse dilo tsa nama; empa ba ho ya ka Moya ke tsa Moya.


Mme jwale, tsena tse tharo ke tumelo, le tshepo, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.


mme le ntjhafale moyeng wa kelello ya lona;


(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Le hore re lopollwe ho batho ba se nang kahlolo e molemo le ba kgopo, hobane tumelo ha se batho bohle.


Ka mokgwa o jwalo basadi ba bona e be ba kgabane, e seng baetselletsi, ba hlaphohelwe, ba tshepehe nthong tsohle.


Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ