Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:1
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona.


Empa veine e ncha e tšeloa makukeng a macha; mme bobedi ba bolokeha.


Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?


Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.


Erekaha le lokolotswe sebeng, le bile bahlanka ba ho loka.


Ha ho le jwalo, ha a ka nyalwa ke monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; hore e tle e se be mofebi, leha a ka nyalwa ke monna e mong.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ke motho ya lokolohileng wa Morena;


Hobane le a mamella, leha motho a le etsa makgoba, leha e mong a le ja, leha e mong a le nka, leha e mong a ikgohomosa, leha e mong a le otla sefahlehong.


Jwale Morena ke Moya oo; mme moo Moya wa Morena o leng teng, ho na le tokoloho.


le ka baka la banababo rona ba bohata ba kentsweng ka boithatelo, ba ileng ba kena ka lekunutu ho tla hloela tokoloho ya rona eo re nang le yona ho Kreste Jesu, hore ba tle ba re etse makgoba.


Empa hoba tumelo e fihle, ha re sa le tlasa morupedi.


Empa Jerusalema wa hodimo o lokolohile, e leng mma rona bohle.


Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba lekgoba, empa re bana ba motho ya sa ruuwang.


Empa jwale, ka ha le tsebile Modimo, kapa haholo, le tsejwa ke Modimo, le ka boela la kgutlela jwang thutong e fokolang, e se nang molemo, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.


Emang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, le apere tšireletso ya sefuba ya ho loka;


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


Hobane jwale re a phela, ha le ema le tiile Moreneng.


Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.


A re kgomareleng boipolelo ba tumelo ya rona, re sa thekesele; (hobane ya tshepisitseng o a tshepahala;)


Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.


Le be ba lokolohileng, mme le se ke la sebedisa tokoloho ya lona lesira la lonya, le mpe le le bahlanka ba Modimo.


Ba ntse ba ba tshepisa tokoloho, empa bona ka bobona ke makgoba a tshenyeho;


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.


Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ