Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 4:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 E le hore a lopolle ba tlas’a molao, re tle re amohele ho beoa bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 hore a tle a lopolle ba tlasa Molao, re tle re etswe bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 E le hore a lopolle ba tlas’a molao, re tle re amohele ho beoa bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 4:5
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse;


Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Hobane Kreste ke pheletso ya molao, hore e mong le e mong ya dumelang a be le toka.


Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.


Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Baiseraele ke bo-mang; e leng ho nkelwa bana, le kganya, le dilekane, le ho newa molao, le tshebeletso ya Modimo, le ditshepiso;


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Hobane bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, na ha le utlwe molao na?


Ka baka leo, ha o sa le mohlanka, empa o mora; mme ha e le mora, ke mojalefa wa Modimo ka Kreste.


O re rere esale pele hore re be bana ba hae ka Jesu Kreste, ka ho kgahlisa thato ya hae.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Ba bina sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo;


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ