Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 4:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ka mokgwa o jwalo le rona, ha re sa le bana, re ne re le makgoba a tsa motheo tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ho jwalo le ho rona; ha re ne re sa le bana, re ne re le makgoba a meya e busang lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ka mokgwa o jwalo le rona, ha re sa le bana, re ne re le makgoba a tsa motheo tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 4:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;


Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?


Hobane re a tseba hoba molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


Hobane le a mamella, leha motho a le etsa makgoba, leha e mong a le ja, leha e mong a le nka, leha e mong a ikgohomosa, leha e mong a le otla sefahlehong.


le ka baka la banababo rona ba bohata ba kentsweng ka boithatelo, ba ileng ba kena ka lekunutu ho tla hloela tokoloho ya rona eo re nang le yona ho Kreste Jesu, hore ba tle ba re etse makgoba.


Ke ka baka lang ha ho le jwalo, molao o sebeletsa? O ile wa eketswa ka baka la ditlolo, ho fihlela ho fihla peo eo tshepiso e neng e entswe ho yona; mme e ne ya tlhomiwa ke baengele ka seatla sa motsereganyi.


empa o le tlasa batataisi le balaodi ho fihlela nako e beilweng ke ntatae.


Dintho tseo ke setshwantsho: hobane bao ke dilekane tse pedi; e ’ngoe e tsoa Thabeng ea Sinai, e tsoallang bokhoba, e leng Agare.


Hobane Agare eo ke Sinai, thaba ya Arabia, mme e tshwantshetsa Jerusalema wa jwale, mme e bokgobeng le bana ba yona.


Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba lekgoba, empa re bana ba motho ya sa ruuwang.


Leha ho le jwalo, mehleng eo, ha le ne le sa tsebe Modimo, le ne le sebeletsa bao ka tlhaho e seng medimo.


Empa jwale, ka ha le tsebile Modimo, kapa haholo, le tsejwa ke Modimo, le ka boela la kgutlela jwang thutong e fokolang, e se nang molemo, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Hlokomelang, esere mohlomong motho a le tlatlapa ka bohlale ba hae, le ka thetso ya lefeela, ka ho ya ka meetlo ya batho, le ka tsa pele tsa lefatshe, e seng Kreste.


Hobane leha le ne le loketse ho ba mesuwe, ka nako e fetileng, le sa ntse le hloka hore motho a le rute dithuto tsa pele tsa dipolelo tsa Modimo; mme le fetohile ba hlokang lebese, e seng dijo tse thata.


O o dihilweng, e seng ka molao wa taelo ya nama, empa e le ka matla a bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ