Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka tlhatloga ka tshenolo, ka ba bolelela Efangele e ke e rerang mo baheitaneng, mme ka ba bolelela ba ba tlotlegang mo sephiring, e se re gongwe ka tabogela lefela, gongwe ke tabogile lefela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ka nyolohela teng ka tshenolo. Ka beela badumedi, haholo bao e leng dihlooho, Evangeli eo ke e rutang hara baditjhaba, ka re, esebe ke tla mathela lefeela, kapa ke se ke le mathetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Ka tlhatloga ka tshenolo, ka ba bolelela Efangele e ke e rerang mo baheitaneng, mme ka ba bolelela ba ba tlotlegang mo sephiring, e se re gongwe ka tabogela lefela, gongwe ke tabogile lefela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:2
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri;


Yaba letshwele lohle la kgutsa, la mamela Barnabase le Pauluse, ba bolela mehlolo le meeka eo Modimo o e entseng ka bona hara baditjhaba.


Jwale, ha ho e-ba le phapang e khōlō le Barnabase le bona, ha etsoa qeto ea hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo mabapi le taba ena.


Eitse ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo, mme ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona.


Morena a bua le Pauluse bosiu ka pono, a re: Se tshabe, o mpe o bue, o se ke wa kgutsa.


Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a ema pela hae, a re: Beta pelo, Pauluse;


Yaba ho ema e mong lekgotleng la lekgotla, Mofarisi, ya bitswang Gamaliele, moruti wa Molao, ya hlomphuwang ke setjhaba kaofela, a laela hore baapostola ba ntshetswe kantle ho se hokae.


Jwale, ha se ka ya ratang, leha e le ka ya mathang, empa e le ya Modimo o mohau.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Hobane ke rerile ho se tsebe letho hara lona, haese Jesu Kreste, le yena ya thakgisitsweng.


Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.


Ka baka leo, le nna ke matha jwalo, e seng jwaloka hoja ke sa tiisehe; ke loana jwalo, e seng jwaloka ya otlang moya;


Ho ithorisa ha ho lekane ho nna. Ke tla tla ho dipono le ditshenolo tsa Morena.


Hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho, empa e le ka tshenolo ya Jesu Kreste.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


Ke makatswa ke ha le phakisa le suthela ho ya le bileditseng mohaung wa Kreste, la kena Evangeling esele.


Empa ho ba neng ba bonahala eka ke ka mokgwa o itseng (hore na ba ne ba le ba jwang, ha ho letho ho nna, hobane Modimo ha o kgethe sebopeho sa motho;


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Le mathile hantle; ke mang ya le sitisitseng hore le se utlwe nnete?


Le tiisitse lentswe la bophelo; e le hore ke tle ke ithorise ka letsatsi la Kreste, hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.


Le mo amohele Moreneng ka thabo yohle; le ba hlomphe;


Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Ke loanne ntoa e ntle, ke qetile leeto la ka, ke bolokile tumelo.


Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ