Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane nna ka molao ke shwele mabapi le molao, ke tle ke phelele Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Athe nna ka molao ke shwele ka nqeng ya molao, ke tle ke phelele Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Hobane nna ka molao ke shwele mabapi le molao, ke tle ke phelele Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:19
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho feta moo, molao o ile oa kena, hore tlōlo ea molao e ate. Empa moo sebe se ileng sa ata, mohau o ata haholo.


Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Hobane re a tseba hoba molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.


Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.


Ho Bajuda ke bile jwaloka Mojuda, hore ke rue Bajuda; ho ba tlas’a molao, ke be ke le ea tlas’a molao, ke tle ke rue ba tlas’a molao;


Le hore o shwetse bohle, hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ileng a ba shwela, a ba a tsoha hape bakeng sa bona.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Ka baka leo, molao e bile motataisi wa rona ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.


Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


Ya re shwetseng, hore, leha re fadimehile, leha re robetse, re tle re phele le yena.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Ka baka leo, Evangeli e boleletswe le ho ba shweleng, hore ba ahlolwe ka mokgwa wa batho nameng, ba tle ba phele ka mokgwa wa Modimo moyeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ