Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao. hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:16
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Mme ha ho poloko ho e mong, hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo le neilweng batho, leo re ka bolokehang ka lona.


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane Modimo o le mong feela, o tla lokafatsa ba lebollo ka tumelo, le maqai ka tumelo.


Hobane ha Abrahama a beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le boithoriso; empa eseng pela Modimo.


Empa le rona bao ho tla ballwa hoo, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu Morena wa rona bafung;


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.


Ba bang ba lona ba ne ba le jwalo, empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu Kreste le ka Moya wa Modimo wa rona.


E le hore a lopolle ba tlas’a molao, re tle re amohele ho beoa bana.


Le lokolotswe ke Kreste, lona ba ho lokafatswang ke molao; le wele mohaung.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.


Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.


Kamora tseo ka tadima, mme, bonang, bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba apere dipalema matsoho a bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ