Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Le Bajuda ba bang ba ikana le yena; hoo le Barnabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme Bajuda ba bang ba iketsisa jwaloka yena; esita le Barnabase a hla a hulanngwa ke boikaketsi ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Le Bajuda ba bang ba ikana le yena; hoo le Barnabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mokgwa o jwalo le lona kantle, le bonahala le lokile ho batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.


Le Josefa, eo baapostola ba mo reileng Barnabase, ke ho re, Mora wa Matshediso, ke ho re, Molevi, wa naha ya Sipera.


Le a tseba hore le ne le le baditjhaba, mme le isitswe ho ditshwantsho tsena tse dimumu, jwalokaha le ne le hulanngwa.


Le se ke la thetswa: metswalle e mebe e senya mekgwa e metle.


Ho ithorisa ha hao ha ho molemo. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela?


Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang.


Eitse hobane ho fete dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, ka nka le Tite.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ