Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 1:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 1:15
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao.


Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo.


Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


Ho feta moo, bao a ba reretseng pele, ke bona bao a ba bitsitseng; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse;


Le rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara Baditjhaba?


Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona,


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.


Modimo o a tshepeha, oo le bileditsweng ke yena ho ba le kopano le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


Ke makatswa ke ha le phakisa le suthela ho ya le bileditseng mohaung wa Kreste, la kena Evangeling esele.


O re rere esale pele hore re be bana ba hae ka Jesu Kreste, ka ho kgahlisa thato ya hae.


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ