Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baefese 6:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 eo ke leng lenqosa la yona ka ditlamo, ke tle ke bue ka yona ka sebete kamoo ke tshwanetseng ho bua kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 eo ke leng lenqosa la yona ka ditlamo, ke tle ke bue ka yona ka sebete kamoo ke tshwanetseng ho bua kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baefese 6:20
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.


Pauluse a re: Ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno, ba be jwaloka nna, haese ditlamo tsena.


Ke ka baka leo ke le bitsitseng hore ke tle ke le bone, ke bue le lona, hobane ke tlamilwe ka ketane ena ka baka la tshepo ya Iseraele.


A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.


Yaba Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.


Jwale, re manqosa bakeng sa Kreste, jwaloka hoja Modimo a le rapela ka rona;


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;


ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Hore ke tle ke bonahatse, kamoo ke tšoanetseng ho bua kateng.


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


Ke o rapela bakeng sa mora wa ka Onesimase, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong tsa ka.


Leha ho le jwalo, ka baka la lerato, ke a o rapela haholo, kahobane ke le Pauluse wa leqheku, mme jwale ke bile ke le motshwaruwa ka baka la Jesu Kreste.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ