Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baefese 6:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baefese 6:19
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.


A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo;


Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao hore ba bolele lentswe la hao ka sebete.


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Empa Barnabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka sebete Damaseka kateng.


A bua ka lebitso la Morena Jesu ka sebete, a bua le Bagerike, empa bona ba batla ho mmolaya.


Jwale, banabeso, ke a le rapela ka baka la Morena Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le nne le ntlafatse le nna merapelong ya lona ho Modimo bakeng sa ka;


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Hobane le ruisitswe ke yena nthong tsohle, dipolelong tsohle, le tsebong yohle;


Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.


A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.


Le lona le ntse le thusana ka merapelo bakeng sa rona, hore diteboho tsa rona di tle di bokwe ke ba bangata molemong wa rona.


Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.


Lona Bakorinthe, melomo ya rona e le ahlametse, dipelo tsa rona di ahlame.


Ke na le sebete se seholo ho lona, ke ithorisa haholo ka lona;


Ka baka leo, jwalokaha le atetswe ke ntho tsohle, tumelong, le dipolelong, le tsebong, le mafolofolong wohle, le ka lerato leo le re ratang ka lona, le ka ata le mohaung ona.


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.


E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Qetellong, banabeso, le re rapelle, hore lentswe la Morena le tle le tswele pele, mme le tlotliswe, jwalokaha le le ho lona.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Mme le nna o ntokisetse bodulo, hobane ke tshepile hore ka merapelo ya lona ke tla e newa.


Le re rapelle, hobane re tshepa hore re na le letswalo le letle, mme re rata ho phela hantle dinthong tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ