Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baefese 4:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 mme le apare motho e motjha, ya bopilweng ka mokgwa wa Modimo ho lokeng le kgalalelong ya nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 mme le apare motho e motjha, ya bopilweng ka mokgwa wa Modimo ho lokeng le kgalalelong ya nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baefese 4:24
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka khalalelo le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna.


Ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.


Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.


Bosiu bo se bo ile, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


Le mpe le apare Morena Jesu Kreste, mme le se ke la ipatlela nama ho phethahatsa ditakatso tsa yona.


Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


Hobane ho bolang hona ho tshwanetse ho apara ho se bole, le ho shwang hona ho apare ho sa shweng.


Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.


Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


A fedisitse ka nameng ya hae bora, e leng molao wa ditaelo tse laetseng; hore ba babeli a ba etse ka ho eena motho a le mong e mocha, ka ho etsa khotso;


Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlola maqiti a Diabolose.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Empa ho Mora o itse: Modimo, terone ya hao ke ya kamehla le mehla, lere la borena ba hao ke lere la ho loka.


Latelang kgotso le batho bohle, le kgalalelo, eo ho seng motho ya tla bona Morena kantle ho yona.


Jwaloka bana ba sa tswa tswalwa, le lakatse lebese le sa hlwekang la Lentswe, le tle le hole ka lona.


Ke tseo re di neilweng ka tsona dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore le tle le be le kabelo sebopehong sa bomodimo, le phonyohile ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ