Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 4:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 4:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.


Hobane Mora Motho o jwaloka motho ya etang, ya ileng a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a laela molebedi wa monyako hore a lebele.


Se ke le bolellang sona ke se bolella bohle, ke re: Lebelang.


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlareng morena a fihla, a ba fumane ba lebetse;


Ka la hosasane, rona ba sehlopha sa Pauluse, ra tloha, ra fihla Sesarea; mme a dula le yena.


Ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste.


Ke entswe mosebeletsi wa yona ho ya ka puso ya Modimo eo ke e filweng bakeng sa lona, hore ke tle ke phethe lentswe la Modimo.


Le re ho Arkipo: Hlokomela tshebeletso eo o e filweng Moreneng, hore o e phethe.


Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang; empa a re falimeheng, ’me re hlaphoheloe.


Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.


Nahanisisa ka dintho tsena; u inehele ho tsona ka ho feletseng; hore katleho ya hao e bonahale ho bohle.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Ka baka leo, mamella bothata, jwaloka mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.


Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


Utlwang ba le busang, mme le ipee ka tlase ho lona;


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


Fadimeha, mme o tiise tse setseng, tse seng di tla shwa; hobane ha ke eso fihlele mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ